Kahara Bibele, esale Molimo o tlisetsa batho ba lefatše Molaetsa oa Oona ka moporofeta oa mongoaha. O buile le Moshe ka sehlahla se tukang oa mo roma ho ntša Baheberu Egepeta. Eaba ho abjoa Topallo ea Mollo e totobetseng le lipontšo tse ling ho nepahatsa tšebetso ea hae. Johanne Mokolobetsi o tlisitse Molaetsa a hlophisetsa lefatše ho fihla ha Messia. Mohla a ne a kolobetsa Morena Jesu Nokeng ea Jordane, thomo ea Johanne e lelekelang Konyana ea Molimo e kile ea thasisetsoa ke Puo e tsoang Leholimōng, “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo Ke khahlisoang ke ho lula ho eena.” Lilemo hamorao, Puo ea Morena e boetse ea utluoa e bua le moporofeta mohla A buang le Pauluse ka Leseli le fahlang, hamorao a rongoa ho hlophisa likereke. Ho haola le Litestamente e Ncha le ea Khale, Molimo ha o eso bue le batho ba Hae ka tsamaiso ea bolumeli kapa ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa borapeli. Kamehla O buile le batho ka monna a le mong: moporofeta oa Hae. ’Me baporofeta bana O ba netefalitse ka lipontšo tse mohlolo.
Empa kajeno ho ka thoeng? Na ebe Molimo o sa senolela baporofeta ba Hae Lentsoe? Na lipontšo tse mohlolo li sa le teng? Na ebe Molimo o sa tla romela moporofeta oa letsatsi la joale lefatšeng? Karabo e tiileng ke, “E!”
Empa re tla tseba joang ha moporofeta a hlaha? Ebe tšobotsi ea hae e tla ba joang? Ebe o tla itšoara joang? Ebe o tla re hlahisetsa pontšo ea mofuta mong? Ebe o tla phethisa Mangolo afe?
Baporofeta ba khale e ne e le banna ba Molimo ba linatla, ba sa tšabe ho khahlana le mekhatlo ea borapeli. Bonneteng, kamehla ba ne ba roreloa ke tšebeletso ea bolisa. Elia o kile a phepetsa mekhatlo ea borapeli ea letsatsi la hae, a ba botsa hore na ebe Molimo o tla hlompha nyehelo ea bona, kapa ea hae na. Eaba ba hlabaka litlatse. Ba porofetaka. Ba tlolaka ba hloella aletare. Ba itlhabaka ka lithipa. Empa Molimo ha o a ka oa ba utloa. Elia a lelala Lehlomōng a re, “Ho ke ho tsejoe kajeno hobane U Molimo Iseraeleng, le hobane ’na ke mohlanka oa hao, le hobane tsena tsohle ke li entse ka polelo ea hao.” Eaba o theola mollo Leholimōng ho chesa nyehelo. Moporofeta Mikea o hanetse Morena oa Iseraele, le moifo ’ohle oa boprista, mohla a na a khalema Moprista e Moholo Tsedekia ka ho porofeta leshano. Moprista e Moholo a mo jabela sefahleho ’me Morena a mo hlahlela ntloanatšoana ka ho bua ’nete. Esita le Morena Jesu o kile a hlouoa ke mekhatlo ea borapeli ea letsatsi la Hae ba ba ba Mo thakhisa mabapa le lisenyi tse soto ka ho fetisisa. Efèla haeba nalane e tiile, moporofeta o tla be sa le a hlouoe ke tsamaiso ea sejoale ea bolumeli, ’me o tla pharoa a bitsoe mokhelohi, moporofeta oa bohata, kapa hampe le ho feta moo. Empa Molimo o tla ema le mohlanka oa Hae.
Hola moporofeta a ka hlaha letsatsing lena la joale, ebe Kereke ea Katolike e ka mo amohela joang? Kereke ea Baptise eona? Kereke ea Luthere eona? Bolumeli bo bong bona?
Morena Jesu o laetse bohle ba lumelang ho Eena: “Mehlolo e tla tsamaea le ba lumelang ke eona ena; Ka lebitso la ka ba tla leleka batemona; ba tla bua lipuo tse ncha; Ba tla tšoara linoha; ha ba noele ntho e kotsi, ha e ka ke ea ba bolaea; ba tla bea matsoho holima ba kulang, ’me ba tla fola.” (Mareka 16:17-18). Na ebe Lengolo lena le tiile kajeno? Haeba le sa tiea, ebe Mantsoe a Morena a feletsoe ke matla a ’ona neneng? Ho haola le Bibele, baporofeta ba khonne ho folisa bakuli, ho leleka batemona, le ho etsa mehlolo. Moshe o beile noha ea borase pontšeng ea batho ba Iseraele ho folisa ba lonngoeng ke linoha tse mahloko (Numere 21:9). Naamane, Mosiria ea seriti, o tlile ho Elisha ho folisoa lepera (II Marena 5:9). Mohla mohlankana a ne a oela sefesetereng se kaholimo, moapostola Pauluse o kile a mo hamarela a busetsa bophelo ’meleng o shoeleng (Liketso 20:10). Re fumana rekoto ea lilemo tse 3½ tsa bophelo ba Morena Jesu, empa koana lilengoaneng tse ’maloa tseo, O folisitse bakuli molebe. Lifofu tsa bona. Balepera ba ntlafatsoa. Botsebetutu ba boela ba utloa. Ba shoeleng litho ba tsamaea. Ha folisoa maloetse a mefuta eohle (Mattheu 4:23).
Molimo o bile oa nèpahatsa baporofeta ba Hae ka mekhoa e fapanang le ea lipholiso. Esitile le merero e kubutiloeng ka thata ea pelō e tsebisitsoe banna bana ba Molimo. Morena Nebukanesare o kile a tsietsoa ke toro, a mpa a sa hopole likateng tsa eona. Eaba Daniele moporofeta o phethela morena toro le seporofeto se hlahlamang (Dan 2:28). Ha ho letho le kileng la sirela Salomone mohla Mofumahali oa Sheba a fihlileng pela hae. A tletse Moea hoo a ’moleletseng lipotso tsa pelō ea hae le pele a li botsa (I Marena 10:3). Elisha o boleletse Morena oa Iseraele merero eohle ea Morena oa Siria, ekasita le mantsoe a sebiloeng kamoreng ea hae (II Marena 6:12).
Ka liketso tsa Hae, Morena Jesu o supile Moea ona oa temoho e le Moea oa Kreste. O senotse semelo sa Nathanaele mohla A itseng, “Bonang Moiseraele oa sebele, eo ho seng mano ho eena!” Jesu a tsoelapele a bolella Nathanaele moo a na a le teng mohla Filipi a ’molellang ka Messia (Johanne 1:48). Hoba Nathanaele a bone Jesu ea tsebang pelō ea hae, a Mo elleloa ka potlako hoba ke Kreste. Khetlo la pele ha Jesu a bona Petrose, O ’moleletse lebitso la ntatae, Jona (Johanne 1:42). Eaba Petrose o tèla tsohle a latèla Jesu bophelo ba hae bohle. Jesu o kopane le mosali oa Mosamaria selibeng a mo bolella libe tsa hae tsa maoba. Mantsoe a hae a pele a itse, “Monghali, kea lemoha hobane u moporofeta” (Johanne 4:19). Batho bana boraro ba bona ba tsoile mehlahloeng e fapaneng ea bophelo, empa ba lemohile Jesu mohla A ba hlakisetsang neo ea temoho.
Na ebe neo e nyametse mohla lehlaku la ho qetela la Bibele le neng le ngoloa? Haeba mehlolo ena e ngotsoe e hlakile hakana Bibeleng, e kae kajeno? Ruri moporofeta oa letsatsi la joale o tla netefatsoa ka mehlolo.
Na ebe Molimo o lebetse batho ba Oona? Na ebe O sa khona ho folisa bakuli? Na O sa bua le rōna ka baporofeta ba Oona? Na ba teng baporofeta ba bonetseng letsatsi lee pele?
Na li sa le teng liporofeto tse saletseng ho phethisoa?