Ha hlaka mathoasong a tšebetso ea Moena Branham hobane tsamaiso ea bolumeli e bopetsoe ho bapatsa e thaotela mekhatlo ea borapeli, ’me e seng Evangeli ea makhonthe. Moena Branham o ne a lumela Bibele Lentsoe ka Lentsoe, a sa batle ho tenyetseha, leha a ka qheloa ke bomphato ba hae, metsoalle, kapa ba leloko.
Mohla e leng setho sa Missionary Baptist Church, a laeloa ho tlotsa bareri ba basali. Leha ho le joalo, o ne a tseba Mangolo ’ohle hantle haholo. I Timothea 2:12 e bua phatlalatsa e re, “Ha ke lumelle mosali ho ruta, kapa ho laola monna, ha e se ho ikhutsetsa,” le I Bakorinthe 14:34 e re, “Basali ba lona ba khutse likerekeng: hobane ha ba lumelloe ho bua…” Ena e se taba e khahlano le basali, empa Bibele keha e takiloe ka botšo le ka bosoeu ka taba eo. Hoba makhaolakhang a fihle, a hana ho tenyetseha eaba o ngala kereke.
E se lona feela Lengolo le nyemotsoang ke mekhatlo ea malumeli. Morena a senolela Moena Branham ’nete ea kolobetso. Jesu o be a ka laela joang, “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang,” athe kolobetso eohle e ngotsoeng Bibeleng e tlile ka Lebitso la Jesu? Moapostola Petrose o laetse ho Liketso 2:38 ho baka le ho kolobetsoa ka Lebitso la Jesu Kreste. Mangolo a sebetsa ka kutloano e phethehileng, empa ho nkile moporofeta ho senola sephiri sena: “Ntate” ha se lebitso, “Mora” ha se lebitso, le “Moea o Halalelang” ha se lebitso. Monna ka mong le eena ke ntata bana ba hae, mora oa batsoali ba hae, le moena oa mafahla a habo, koana lebitso la hae ha se “ntate,” “mora,” kapa “moena.” Ntate, Mora, le Moea o Halalelang ke litlotla tsa Lebitso la Jesu Kreste. Mattheu 28:19 le Liketso 2:38 ba ne ba hlophisitsoe ka ho phethahala.
Ho bile ha senoloa sebe sa mantlha Tšimong ea Edene, ha ho a jeoa tholoana, empa ke ntho e harolang letsoalo ho feta moo. Ho ja sekotoana sa tholoana ho ka senolela Adama le Eva ka potlako e kalo bofeela ba bona joang? Ha e etse kelello. Apole e amana kae le bofeela? Moprofeta oa Molimo o senotse sephiri sena ka ho hlaka.
Mangeloi a boletsoeng ho Tšenolo khaolo ea 2 le 3 e ne e le bomang? Mabitso a ona a tsebahala ha u ka a utloa.
Bakalli ba hlollang ba lipere ba ho Tšenolo khaolo ea 6 ke bomang? Ba na le ntlha e le ’ngoe ea bohlokoa ea kopanelo.
Na ho buuoe ka Linaha tse Kopaneng kahara Buka ea Tšenolo?
Ba bolokehileng ba 144,000 khaolong ea 7 e ne e le bomang?
Seotsoa se seholo sa khaolo ea 17 ke mang? Boitsebiso ba sona le liphiri tsena tsohle li senotsoe Molaetseng oa moporofeta enoa oa senatla ea ronngoeng ke Molimo.
Mona enoa o ne a sa teeloa hare ke meeka e sa baloeng feela, empa le liphiri tseo esale li kubutoa kahara Bibele mengoaheng li senotsoe tšebetsong ea hae. Ha hla ha hlaka hore moporofeta enoa o phethahalitse Mangolo a mangata ho feta Malakia 4.
Tšenolo 10:7: Empa mehleng ea lentsoe la lengeloi la bosupa, ha terompeta ea lona e tla lla, ke moo sephiri sa Molimo se tla phetheha, kamoo o boleletseng bahlanka ba ’ona baporofeta kateng.
Lentsoe le hlabela lefatše mokhosi ho tsoa mekhatlong ea malumeli le ho khutlela Lentsoeng la Molimo la mantlha. Mang le mang oa rōna o filoe monyetla oo Petrose, Jemese, le Johanne ba o fumaneng. Re na le monyetla oa ho balloa le bakhethoa ba Molimo ba ’maloa ba sa tlo khumamela mekhatlo ea marapeli a letsatsi lena.
Lengolo le Halalelang le ngola ka maphelo le ka liketso tsa banna ba tsamaileng le Molimo ’me ba ne ba tlotsitsoe ke Moea oa Hae hoo ba ileng ba hlahisa HO RIALO MORENA, ’me mantsoe a bona a thasisetsoa ke lipontšo le mehlolo. E ne e le baporofeta ba Molimo, le Puo ea Molimo molokong oa bona.
Na ebe joale linako li fapane le mohla Jesu a ne a le mona? Baetapele ba borapeli ke bona ba Mo thakhisitseng. Barutuoa e ne e le sehlotšoana sa paloana hara tsamaiso e khōlō ea borapeli. Ba ile ba qheloa, ba songoa, ’me qetellong ba bolaoa ka ho hanela tsamaiso ea mekhatlo ea molapo o moholo oa bolumeli. Kajeno ha re bolaeloe litumelo tsa rōna, empa re hlile rea hlorisoa. Joaleka Bafarasi le Basadusi, ba sitoa ho latola mehlolo e neng e teetse tšebetso ea Moena Branham hare ka hona ba itlhomella ka litlhaselo tse ling. Le ka utloa ho thoe e ne e le moporofeta oa bohata, moetapele oa mekha, kapa hampe ho feta. Bonneteng, e ne e le monna ea ikokobelitseng oa Molimo a eme ka thata khahlano le taolo e sa fuparolleng seatla ea mekhatlo ea malumeli le ea mekha holima batho ba Molimo. Ba futuhetse Jesu joalo mohla A na hanela litšomo tsa bona le meetlo.
Molimo o hlomphile boikitlaetso ba Moena Branham ba ho lumela Lentsoe ka leng kahara Bibele, ’me O sebelisa tšebetso ea hae ho tataisetsa meea e limilione ho Jesu Kreste. Kajeno, Puo ea Lengeloi la Bosupa e utloahala hantle ho feta kamoo E kileng ea etsa. Batho ba ka bang limilione tse peli lefatše bophara ba lumela Molaetsa oa Moena Branham. Ekaba paloana e nyenyane papisong le libilione tse peli tse ipolelang Bokreste, empa ke neng mohla batho ba Molimo e neng e se paloana e nyenyane?
Re fumana ho hatisitsoe lithero tse fetang 1,200 tsa Puo e neng e porofetoe ke Tšenolo 10:7 ho fihla. Thero e ’ngoe le e ’ngoe e notlolla liphiri tsa Molimo. U ka fumana Puo eo haeba u ikemiselitse ho E utloa.
KHETHO KE EA HAO
Le ka motsotso o le mong ha nke ke tlisetsa batho molaetsa hore ba tle ba ntatele, kapa ho ngolisa kerekeng ea ka, kapa ho qala kopano e itseng le mokhatlo. Ha ke eso ho ka ke etsa hono ’me nke ke ka etsa hono joale. Ha ke na thahasello linthong tseo, empa ruri ke na le thahasello linthong tsa Molimo le ho batho, ’me ha feela nka phetha ntho e ’ngoe ke tla khotsofala. Ntho e le ’ngoe eo ke ho bona ho theiloe kamano ea ’nete ea moea pakeng tsa Molimo le batho, moo batho ba fetohang libopuoa tse ncha ho Kreste, ho tlatsoa ka Moea oa Hae le ho phela ho latela Lentsoe la Hae. Ke tla mema, ke pheelle le ho lemosa bohle ho utloa mohoeletso oa Hae nakong ena, le ho neelana ka maphelo a lona ho Eena ka botlalo, etsoe ke tšepa pelōng ea ka hore ke neelane ka botho bohle ba ka ho Eena. Molimo a le hlohonolofatse, ’me ho tla ha Hae ho ke ho thabise pelō tsa lona.”
Rev. William Marrion Branham
Ho fumana boitsebiso bo keneletseng ba tšebetso ea Moruti William Marrion Branham
le kamoo u ka fumanang lithero tsa hae, kopana le:
THEMESSAGE.COM
58 Disa Road, Admiral’s Park, Gordon’s Bay
7140 Western Cape Republic Of South Africa
+27 (21) 8563110