Ha qala ha fifala ka phaposing ea kokelo, eka morung o moholo. Ka utloa moea o foka hara mahlaku, feela eka hole koana hara moru. Kea kholoa le utloile pululo ea moea o bululang mahlaku, e u atamela hanyane ka hanyane. Ka nahana, “Be, lena ke lefu le tlang ho nkuka.” Oh! khele Moea oa ka o ne o tlil’o kopana le Molimo, ka leka ho rapela empa ke sa khone.
Moea oa utloahala o ntse o atamela, molumo o eketseha o bile o eketseha. Mahlaku a hlokohleha, eaba hang ho felile ka ’na.
Ea ka ke boetse ke moshanyana ea sa roalang lieta, ke eme tselaneng eo tlasa sefate sona seo. Ka utloa eona Puo eo e itseng, “U se ke ua noa kapa ua tsuba.” ’Me mahlaku ao kea utloileng e le oona ao kea utloileng a tsokotseha sefateng seo tsatsing leo.
Empa khetlong lena Puo ea re, “Ke u bitsitse ’me u hanne ho ea.” Ea ipheta makhetlo a mararo.
Eaba ke re, “Morena, haeba e le Uena, ntumelle ho khutlela lefatšeng hape ’me ke tla rera Evangeli ea Hao ho tsoa marulelong a matlo le likoung tsa seterata. Ke tla bolella mang le mang ka eona!”
Hoba pono ena e fete, ka iphumana ke eso hlaphoheloe. Ngaka ea ka e ntse e le kahara moaho. A tla a ncheba ’me a hloletsoe. Eka o hopotse ke tla be ke shoele, eaba o re, “Ha ke monna ea tsamaeang kereke, tšebetso ea ka ke ea tonana, empa kea tseba hore Molimo o etetse moshanyana enoa.” Hobaneng a itsalo, ha ke tsebe. Ha ho mang ea kileng a bua letho ka eona. Hola mohlang oo ka tseba seo ke se tsebang joale, nka be ke tsohile liphateng tseo ke hoeletsa Thoriso Lebitsong la Hae.
Ka mora matsatsi a ’maloa ka lumelloa ho khutlela hae ke mpa ke kula ’me ka tlameha ho roala ligalase ka baka la mahlo a lephekha. Hlooho ea ka e reketla ha ke shebile ntho nakoana.
Ka qala ka batla le ho fumana Molimo. Ka tloha kerekeng ho ea kerekeng, ke leka ho fumana nqalo e nang le memo ea aletare ea mehla ea khale. Ka bomalimame ha kea e fumana.
Ka re haeba nka fetoha Mokreste, ke tla ba oa makhonthe. Moreri ea nkuloileng ke rialo a re, “Joale Billy moshanyana, u khelohela bohlanyeng.” Ka re ha nka fumana borapeli, ke batla ho bo utloa ha bo fihla, joaloka barutuoa ha ba entse.
Oh ho bokoe Lebitso la Hae. Hamorao ka fumana borapeli le joale ke sa bo tšoere, ’me ka thuso ea Hae, ke tla bo baballa kamehla.
Bosiu bo bong ka lapela Molimo le boiphihlelo ba mannete ka ba ka tsoela hokong ea khale ka mora ntlu ’me ka leka ho rapela. Ke sa tsebe ho rapela eaba ke qala ke qoqa le Eena joaloka motho ofe. Hang Leseli la kena ka hokong la taka sefapano ’me Puo e tsoang sefapanong ea bua le ’na ka leleme leo ke sa le utloisiseng. La ntoo ikela. Ke ne ke hloletsoe. Hoba ke iphumane ka boela ka rapela, “Morena haeba e le Uena, tloo u boele u bue le ’na hape.” Esale ke bala Bibele ea ka ho tloha ke khutlile kokelong ’me ka bala ho I Johanne 4, “Baratuoa, le se ke la lumela meea eohle, le mpe le e leke hore ke ea Molimo na.”
Ke tsebile moea o itlhahisitse ho ’na eaba o boela o itlhahisa ha ke rapela hape. Moeeng oa ka ea ka ho tlositsoe boima ba liponto tse sekete. Ka tlola ka mathela tlung ’me ea ka ke matha sebakeng.
’Mè a botsa, “Bill, u hlahetsoe ke’ng?” Ka arabela, “Ha ke tsebe empa ruri ke ikutloa ke thabile ke le bobebe.” Ke sa khone ho lula ka tlung. Ka tlameha ho tsoa ke matha.
Ka tseba haeba Molimo a mpatlile ho rera, O tla mpholisa. Eaba ke etela kereke e lumelang ho tloloa ka ole ’me ka fola hang. Ka bona hoba barutuoa ba ne ba fumane ntho e haellang bareri ba bangata kajeno. Barutuoa ba ne ba kolobelitsoe ka Moea o Halalelang ’me ba khonne ho folisa bakuli ba etsa mehlolo e meholo ka Lebitso la Hae. Eaba ke qala ke rapella kolobetso ea Moea o Halalelang ’me ka e fumana.
Tsatsi le leng likhoeli tse ka bang tšelela hamorao, Molimo oa mpha takatso ea pelō ea ka. A bua le ’na ka Leseli le leholo, ka bolelloa ho ea rera le ho rapella bakuli ’me O tla ba folisa ho sa natsoe maloetse a bona. Ka qala ka rera ke etsa seo A ntaetseng ho se etsa. Oh motsoalle, ha nka qala ka u bolella se etsahetseng: Mahlo a lifofu a buleha. Ba shoeleng litho ba tsamaea. Likankere tsa folisoa, ha ba ha etsoa mehlolo ea mefuta eohle.
Tsatsi le leng mosikong oa Seterata sa Spring, Jeffersonville, Indiana, ka mora tsoseletso ea liveke tse peli, ke ne ke kolobetsa batho ba 130. E le letsatsi le chesang la Phato ’me ho ena le batho ba 3,000. Ke ne ke itokisetsa ho kolobetsa motho oa 17 eaba hang ke utloa Puo e khutsitseng eo, e nyenyane hape e re, “Sheba holimo.” Sepakapaka se batla se tšoana le borase tsatsing le chesang leo la Phato. Re sa ka ra fumana pula ea letho ka liveke tse ka bang tharō. Ka boela ka utloa Puo eo, eaba e bua khetlo laborarō e re “Sheba holimo.”
Ka sheba holimo ’me sepakapakeng ha lepella naleli e khanyang e khōlō, eo nkileng ke e boning khjafetsa pele ke mpa ke sa le bolella ka eona. Ke ne ke boleletse batho khafetsa ka ho hlaha ha eona ebe ba tšeha ba re, “Bill, u mpa u e akanya feela. Kapa e ka ba u ne u lora.” Empa ho bokoe Molimo, khetlong lena keha A Ipontšitse pontšeng ea bohle, hoba keha e atametse hoo ke sa khonang le ho bua. Ka mora metsotsoana e ’maloa ka hooeletsa ’me batho ba bangata ba sheba holimo ’me ba bona naleli holima ka feela. Ba bang ba akheha ha ba bang ba hooeletsa ’me ba bang ba baleha. Eaba naleli e khutlela sepakapakeng ’me moo e thakhohileng e batla e le sebaka se boholo ba maoto a lisekoere tse leshome le metso e mehlano ’me sebaka sena sa fehleha se tsapola joaloka maqhubu a phethohang. Nqalong ena ha hlaha lerunyana le lesoeu ’me eaba naleli e nkuoa ke lerunyana lena.