Bohle re ka phetla mahlaku a Bibele ra bona hoba Molimo o etsa mehlolo: Moshe o phetlile Leoatle le Lefubelu, Elia a bitsa tlala, Jesu a tsamaea holima metsi, ’me barutuoa ba folisitse bakuli.
Kahara Bibele ho rekotiloe mehlolo e likete. Efèla ha Molimo o omèla ka lipontšo le meeka, e kae mehlolo ea Hae kajeno? Na ebe A ka folisa kankere kamoo A folisitseng lepera le kahara Bibele? Le reng ka CHAIVI kapa malaria? Na ebe O sa khona ho etsa mohlolo? E, Molimo o sa etsa mehlolo ’me mehlolo ena e tla tsamaea le ba lumelang.
Joale, shebang metsoalle, hopolang King George oa Engelane, mohla a folisoang marang-rang a methapo, mohla re mo rapeletseng. Le hopole Florence Nightingale, (nkhona’e, mothei oa Sefapano se Sefubelu), a batla a le boima ba liponto tse mashome a tšeletseng, a robetse mono a bolaoa ke kankere e mo jang mala, a robetse mono a eshoa. Eaba mono leeba le fofela sehlahleng mono ’me Moea oa Molimo oa fihla o re, “HO RIALO MORENA, o tla phela.” ’Me boima ba hae ke liponto tse lekholo le mashome a mahlano o phetse hantle.
Nahanang ka Mokonkrese Upshaw ea lutseng a tlamiloe litulong le malaong selemo ka mora selemo, lilemo tse mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng. ’Me hantle ka nako le motsotso a ema ka maoto a hae, a matha hara moaho, a ama menoana ea hae, a boetse setloaeling ka phethahalo a phetse.
Nahanang ka likete tsa likete tsa batho ba folisitsoeng. Hobaneng re ka lula mona hofihlela re eshoa? Ha re etseng ho hong.
Eba le tumelo ha u kula kapa u hloka. Bibele e re Jesu Kreste eèna maobane, kajeno, le ka mehla, haeba A entse mohlolo lilemo tse likete tse peli tse fetileng, efèla O khona ho etsa hona hoo kajeno. O re tšepisitse ’me o itse re folisitsoe, hola re ka lumela feela.
Mokonkrese Upshaw
William D. Upshaw o sebelitse lilemo tse robeli Tlung ea Manqosa Linaha Tse Kopaneng a ntoo iketèla botonakhōlō ka 1932. O holofetse koluoeng ea polasi esale ngoana, a qeta lilemo tse 66 a ikokotlela ka melangoana kapa a bofiloe setulong sa bakuli. Ka 1951, a fola ka botlalo a ba a tsamaea a phethehile bophelo bohle ba hae.
Florence Nightingale
Florence Nightingale, ke leloko la mooki ea tummeng, o ne a jeoa ke kankere e sa foleng ea mala. O rometse senepe sena e le kopo ea hae ea ho qetela pele kankere e tlosa bophelo ba hae. U ka iponela, hore o ne a le ntšing tsa lefu pele Morena Jesu a mo folisa ka 1950. Senepe se hlahlamang se nkiloe ka mora pholiso ea hae ’me se rometsoe e le bopaki bo tlalehang Molimo o sa ntse o folisa bakuli.
Tris Griffin
Tris Griffin o etetse ngaka mathoasong a 2013 kaha mahlaba a mokokotlo a boetse a qalile ’me a tšohile hore ekaba ntoa ea hae le kankere e khutlile. Mochini MRI o bontšitse “ho khaoha ha mothapo o moholo oa aeotha” oa pelō ea hae, o chochileng lingaka ho boela ba hlahloba bocha tsa ntoo rera oporeishene ea tšohanyetso tsatsi le hlahlamang. Motoa o parolang pelō senepeng ke sekheo se totobetseng se bolelang lefu la hang-hang le le tiileng ha o ka phatloha.
Tsatsi le hlahlamang, hoba a rapelloe ke balumeli, lingaka tsa boela tsa chabisa scan sa CT ho ikholisa moo sekheo se lutseng teng pele ho oporeishene. Khetlong lena, linepe li supa pelō e phetseng hantle ka botlalo. Ka makalo, ngaka e sehang ea bolella Mof. Griffin, “Ha ke tsebe nka reng ho uena. Mothapo oa hao o ne o patsohile, empa joale bopaki bohle bo nyametse.” A ’montša linepe tsa pele ho thapelo, le tsa kamorao. “U lokolotsoe ho ikela, ebile hape, le mohlala oa kankere o nyametse. U phetse ka ho phethahala.”
Motsu oa ngaka o supa mothapo o moholo aeotha, o lefifi, e leng tulo e khilikoe bohareng ba senepe. Mola o tšekallang o parola ke thuruho ea mothapo aeotha, kapa “sekheo” sa mothapo, sona se qosa ho sehoa ka potlako ’me ha o ka phatloha o a bolaea. Scan sa bobeli se katlalitsoe tsatsi le latelang. Sekheo se nyametse ka botlalo ’me ha se eso khutlile haesale.
Liqotso
Pesalema 103:2-3
Boka MORENA, oho moea oa ka, u se ke ua lebala litšitso tsohle tsa hae:
Ke eèna ea tšoarelang makhopo a hao ohle; ea folisang maloetse a hao kaofela;
Esaia 53:5
Athe o hlabetsoe libe tsa rōna, a tetekoa ka baka la makhopo a rōna: kotlo e re tlisetsang khotso e mo oetse holimo; ’me re pholosoa ka maqeba a hae.
Mareka 16:17
Mehlolo e tla tsamaea le ba lumelang ke eona ena; Ba tla leleka batemona ka lebitso la ka; ba tla bua lipuo tse ncha;
Luka 17:6
Morena a re, Hojane le na le tumelo e ka ka hlaku ea mosetareta, le ne le tla re ho sefate seo sa sikamora. Fothoha, o ee ho itlhoma leoatleng; ’me se ne se tla le utloa.
Johanne 14:12
Kannete, nete, ke re ho lona, Ea lumelang ho ’na, mesebetsi eo ke e etsang o tla e etsa le eèna; o tla etsa le e fetisang ena; kahobane ke ea ho Ntate.
I Bathessalonika 1:5
Hobane evangeli ea rōna ha e a ka ea tla ho lona ka lipolelo feela, empa e tlile le ka matla, ka Moea o Halalelang, le ka kholiso e khōlō; joalokaha le tseba seo re bileng sona ha heno.
Baheberu 2:3-4
Ana re tla phonyoha joang, ha re sa hlokomele poloko e kalo; e neng e qale ho boleloa pele ke Morena, ea ntoo tiisoa ho rōna ke ba mo utloileng;
Ha Molimo o ntse o omèla, hammoho le bona ka lipontšo le meeka, le liketso tse ngata tse matla, le ka lineo tse ajoang ke Moea o Halalelang, kamoo o ratang kateng?
Baheberu 13:8
Jesu Kreste e ne e le eèna maobane, e sa le eèna kajeno, ’me e tla ’ne e be eèna ka ho sa feleng.
Jakobo 5:15
’Me thapelo e entsoeng ka tumelo e tla pholosa mobabi, ’me Morena o tla mo tsosa liphateng; ’me ekare ha a entse libe, o tla tšoareloa tsona.
I Petrose 2:24
Eèna ea jereng libe tsa rōna ’meleng oa hae sefapanong, hore, re shoe ka nqa ea libe, re tle re phelele ho loka: eo le folisitsoeng ka matetetso a hae.