Genese 3:1
Noha e ne e feta ka bohlale liphoofolo tsohle tsa naha tseo MORENA Molimo a li entseng. ’Me ea re ho mosali, a efela, molimo o itse, Le se ke la ja lifate tsohle tsa tsimo na?
Genese 3:6-7
Mosali eitse ha a bona hobane sefate se monate ho jeoa, ’me se khahlisa mahlo, ’me se lakatseha ke ho hlalefisa, a nka litholoana tsa sona, a li ja, ’me a nea monna oa hae ea neng a na le ’ena; ’me le ’ena a ja.
Eaba mahlo a bona ba babeli a tutuboloha, ba tseba hobane ba feela; ’me ba rokahanya mahlaku a sefate sa feie, ba iketsetsa meitlamo ka oona.
Genese 3:14-15
Eaba morena molimo o re ho noha, erekaha o entse hoo, o rohakiloe hara makhomo ohle, le hara liphoofolo tsohle tsa naha; u tla tsamaea ka mpa ea hao, ’me u tla ja lerole ka matsatsi ohle a ho phela ha hao:
Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peō ea hao le peō ea hae; peō eo e tla u khoba hlooho, ’me u tla e loma serethe.
Sebe sa pele se ngotsoeng kahara Bibele ke sena. Phoofolo e bohlale ho feta tsohle, sepente, e “thetsitse” Eva ho ja sekotoana sa tholoana e sa lumelloang. O ile a ja eaba o e nea monna oa hae, ba ntoo lemoha hobane ba feela.
Lipotso tse totobalang ke tsena: Ebe noha e ka bua joang? Apole e amana kae le bofeela? ’Me, ebe peō ea sepente e kena joang tabeng ena eohle?
Bibele e re sepente e ne e feta ka “bohlale” liphoofolo tsohle. E ne e le sekamotho, e khona ho tsamaea, ho bua, le ho qoqa ka hlalohanyo. Hoba e thetse mosali oa Adama, Molimo oa e rohaka ea fetoha noha, feela tšenyo e se e entsoe le peō e se e jetsoe.
Ho Genese 3:15 Bibele e re sepente e ne ena le peō, eaba Molimo o bea hloeano mahareng a lipeō tse peli tseo. Ho hlakile, hore peō ea sepente e ile ea tsoakana le peō ea Eva ea tlhaho le pele ho karohano. Taba eo eohle e ka hlahisoa joang ke ho ja apole? Hape, litemaneng tse ’maloa tse latelang, “Eaba Adama o rea mosali oa hae Eva; kahobane e le ’ma ba utloang bohle.” Lemoha hobane ha e re Adama e ne e le ntata ba utloang bohle.
Li teng “litholoana” tsa mefuta kahara Bibele. Ehlile, tholoana ea ’nete, e kang apole, e melang ’me e le lijo tse jeoang. Tholoana e ’ngoe e bua ka mesebetsi ea rōna, e ka bang mesebetsi ea tlhaho e kang polasi kapa khoebo, kapa mesebetsi ea moea e kang ho etsa mehlolo le ho rera Evangeli. Hape, ho be le tholoana ea popelo, e buang ka kemariso le ka tsoalo ea ngoana.
Na ebe ho ja tholoana e pala ho ka nea Adama le Eva kutloisiso ea hobane ba feela? Kapa, na ebe ho qosa likamano tsa phelisano ea monna le mosali ho utloisisa ba tlameha ho apesa likarolo tse itseng tsa mebele ea bona?
Ebe se etsahetseng Tsimong ho hlahisa tlolo ea motho tsatsing leo ke sefe?
Joalo feela kaha Peō ea mosali e ne e le mohla Molimo o boelang o Itlhahisa ka nama ea motho ka seqo, le joalo peō ea sepente ke leano leo Satane a le sibolotseng ho ipulela monyako o kenang morabeng oa batho ka seqo. Satane o ne a ka sitoa (ka hoba e le sebopuoa se HLOLILOENG sa moea) ho boela a itlhahisa kamoo Molimo a kileng a boela a Itlhahisa, ka baka leo tlaleho ea Genese e re bolella kamoo a hlahisitseng peō ea hae ’me a itšunya kapa a ikentela morabeng oa batho. Hape le hopole hore Satane o bitsoa ‘sepente.’ Seo re buang ka sona ke peō ea hae kapa kentelo morabeng oa batho.
Le pele Adama a ka tseba Eva ka nama, sepente o ne a se a mo etile pele ka tsebo eo. ’Me ea ileng a tsoaloa ke eèna e le Kaine. Kaine e ne e le oa (a tsoetsoe ke, a hlahisitsoe ke) “E Mobe Eo,” (I Johanne 3:12)
…’Nete ea taba ke hore Eva o ne a ena le bana ba BABELI (mafahla) ka popelong ea hae bona ba tsoa likemarisong tse FAPANANG. O ne a jere mafahla, moo kemolo ea Kaine e tlileng nakoana pele ho ea Abele.
Liqotso
Genese 3:6-7
Mosali eitse ha a bona hobane sefate se monate ho jeoa, ’me se khahlisa mahlo, ’me se lakatseha ke ho hlalefisa, a nka litholoana tsa sona, a li ja, ’me a nea monna oa hae ea neng a na le eena; ’me le eena a ja.
Eaba mahlo a bona ba babeli a tutuboloha, ba tseba hobane ba feela; ’me ba rokahanya mahlaku a sefate sa feie, ba iketsetsa meitlamo ka oona.
[Ho ja sekotoana sa tholoana ho ba tsebisitse bofeela ba bona joang?]
Genese 3:13-15
MORENA Molimo a bolella mosali a re, Na keng eo u e entseng? Mosali a re, Sepente e nthetsitse, ’me ke jele.
Eaba MORENA Molimo o re ho sepente, Erekaha o entse hoo, o rohakiloe hara makhomo ohle, le hara liphoofolo tsohle tsa naha; u tla tsamaea ka mpa ea hao, ’me u tla ja lerole ka matsatsi ohle a ho phela ha hao:
Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peō ea hao le peō ea hae; peō eo e tla u khoba hlooho, ’me u tla e loma serethe.
[Sepente e ne e e-na le peō. Ho a hlaka, hore hoo ha ho bue ka noha.]
Genese 3:20
Eaba Adama o rea mosali oa hae Eva; kahobane e le ’ma bohle ba utloang.
[Hobaneng Adama a sa bitsoe ntata bohle ba utloang?]
Genese 4:1-2
Eaba Adama o tseba mosali oa hae; ’me a emola, a tsoala Kaine, a re, Ke itsoaletse monna ka thuso ea MORENA.
A boela a tsoala Abele moenae. Abele ea eba molisa oa linku, Kaine eèna ea eba ea lemang mobu.
[Bophelo bohle bo tsoa ho Molimo, leha bo emotsoe ka molao kapa bo sa tla ka molao. Satane a ke ke a bopa bophelo.]
Luka 3:38
Mora oa Enose, mora oa Setha, mora oa Adama, mora oa Molimo.
[Kaine oa letsibolo o hlaha kae lesikeng Adama?]
I Johanne 3:12
’Me re se ke ra ba joaloka Kaine, e neng e le oa e mobe, ’me a bolaile ngoanabo. ’Me o ’molaile ka baka lang? Ke hobane eèna mesebetsi ea hae e ne e le mebe, athe ea ngoanabo e ne e lokile.
[Molimo o bopile Adama ka setšoano sa Oona. Ebe bokhopo ba Kaine bo tsoa kae, ebe ho loka ha Abele ho tsoa kae? Limelo tsa bona ke lefutso le tsoang ho bontata bona.]
Juda 1:14
Le bona ba porofetiloe ke Henoke, monna oa bosupa ha ho qaloa ka Adama, ka ho re, Bonang, Morena o tlile le bahalaleli ba hae ba liketekete,
[Ka hara Bibele ha ho moo Kaine a hlahang lesikeng la Adama.]