Pesalema 96:13
Pela morena: hobane o ea tla tla, ho ahlola lefatše: o tla ahlola lefatse ka ho loka, le lichaba ka ’nete ea hae.
Mekhatlo ea malumeli e fapane e le likete kajeno lefatšeng. Borapeli bo bong bo ahlola bo bong, empa koana ohle a tšepisa pholoso ka mokhatlo oa bolumeli ba bona. Re ka tseba joang ho khetha bofe?
Ha re khetha kereke ea Katolike, re amohela kopano ea bahalaleli, eona ke ho rapela lisèto ho pala. Bibele e re, “Hobane Molimo o mong feela, le ’muelli mahareng a Molimo le batho o mong, e leng Kreste Jesu motho;” (I Tim 2:5). Moprista o bitsoa “Ntate” taba e thibetsoeng ke Jesu ho Matt 23:9: “Le se ke la bitsa motho ntata lona lefatšeng: hobane o mong feela eo e leng Ntata lona, ke ea leng maholimōng.” Assemblies Of God e re ho rōna ho bua ka lipuo ke bopaki ba mantlha ba Moea o Halalelang, athe Pauluse o itse, “Leha nka bua ka lipuo tsa batho le tsa mangeloi, ha ke se na lerato, ke joaloka koporo e llang, leha e le simbala e molumo o moholo.” (I Bakor 13:1)
Mekhatlo eohle ea malumeli e potlaka ho re bolella ha lintho tse ngata li tolokiloe ka phoso ka Bibeleng, li lahlehile phetolelong, kapa li sa amane le lefatše la joale. Ha ho le joalo, na re tlameha ho lumela Bibele kapa lithuto tsa mekhatlo ea bolumeli? Ebe Molimo o tla sebelisa eng joaloka folaga ea kahlolo?
Ha u ka botsa Mokatolike mona bosiung bona, “U hopola Molimo o tla ahlola lefatše ka eng?” Katolike e re, “Ka Kereke ea Katolike.” Ho lokile, joale ke Kereke efe ea Katolike? Joale ba theile ea Roma, ea Greek Orthodox, le tse ngata tsa tsona. Ebe e tla ba Kereke efe ea Katolike? Moluthere o re, “Ka rōna,” e tla ba lona Baptise le kantle. ’Me hape ha re ka re, “Ka Baptise,” e tla ba lona Mapentekosta le kantle. Pherekano e ka ba e khōlō, ha ho mang ea ka tsebang ho etsang; ka baka leo ha A eso tšepise ho ahlola lefatše ka kereke.
O tšepisitse ho ahlola lefatše ka Kreste, ’me Kreste ke Lentsoe. ’Me Bibele ke eona e tla ahlola lefatše, e leng Jesu Kreste eèna maobane, kajeno, le ka mehla.
Liqotso
Johanne 1:1
Lentsoe le ne le le tšimolohong, ’me Lentsoe le ne le le ho Molimo, ’me Lentsoe e ne e le Molimo.
Johanne 1:14
Lentsoe le ne le etsoe nama, ’me la aha hara rōna (’me re bohile khanya ea lona, e kang khanya ea Mora a ’notši ea tsoang ho Ntate,) le tletse mohau le nnete.
Johanne 5:22
Hobane Ntate ha a ahlole motho le a mong, empa o neile Mora kahlolo eohle:
Johanne 12:48
Ea ntahlang, ’me a sa amohele mantsoe a ka, o na le ea mo ahlolang: lentsoe leo ke le buileng, ke lona le tla mo ahlola ka letsatsi la bofelo.
Baefese 1:5-7
Hobane leratong la oona o ne o re rera pele ho re bea bana ba oona ka Jesu Kreste, ka ketso ea boithatelo ba oona,
E tle e be thoriso ea khanya ea mohau oa oona, oo o re hauhetseng ka oona ho moratuoa oa oona.
Ke ka ho eèna re nang le topollo ka mali a hae, ke ho re tšoarelo ea litšito, ka monono oa mohau oa hae;
Baefese 2:5-8
Ha re ne re ichoeletse melatong ea rōna, o re pholositse hammoho ho Kreste, (hobane le bolokehile ke mohau;)
’Me o re tsositse hammoho, oa ba oa re lulisa hammoho maholimōng ho Kreste Jesu:
Hore mehleng e tlang o tle o bonahatse monono o fetisang oa mohau oa oona ka lereko leo o re etselitseng lona ho Kreste Jesu.
Hobane le bolokehile ke mohau ka tumelo, ha ho tsoe ho lona: ke mpho ea Molimo:
I Johanne 1:7
Empa ha re tsamaea leseling, joalokaha oona o le leseling, re na le kopano hammoho, ’me mali a Jesu Kreste Mora oa oona a re hlatsoa libe tsohle.
Tšenolo 22:18-19
Ke pakela e mong le e mong ea utloang lipolelo tsa boporofeta ba buka ena, Hore ha motho a ka li ekeletsa, Molimo o tla ekeletsa holima hae likotsi tse ngoliloeng bukeng ena:
’Me ekare ha e mong a tlosa ho hong lipolelong tsa boporofeta ba buka ena, Molimo o tla tlosa kabelo ea hae sefateng sa bophelo, le motseng o halalelang, tse ngoliloeng bukeng ena.