Ho hlakile, kolobetso e bohlokoa haholo, empa na ebe ke lebaka hore re kolobetsoang
joang?
Na kolobetso e lokileng e teng, kapa na ebe ho ka sebetsa ntho efe feela? Ha u lumela Bibele, EHLILE bo, e teng kolobetso e lokileng.
Likereke tse ngata li kolobetsa ka Lebitso la Ntate, Mora, le Moea o Halalelang, empa hona ha ho a loka ho latela Bibele.
Ho Liketso 19, batho ba teng ba seng ba lumetse ho Jesu Kreste, ba mpa ba eso amohele Moea o Halalelang lipelōng tsa bona. Moapostola Pauluse o tsebile mokhoa o nèpileng oa ho amohela Moea o Halalelang, ka baka leo a ba botsa, “Le kolobelitsoe ka kolobetso efe?” ’Me ba re, “Ka kolobetso ea Johanne.” (Liketso 19:3) Pauluse a bona hoba ha ba kolobetsoa ka molao oa Petrose ho Liketso 2:38, eaba o ba laela kolobetsoa bocha ka Lebitso la Morena Jesu. Eaba, moo ho latela ho tšepiso, ba amohelang Moea o Halalelang.
Ka hona, lebaka la barutuoa ho kolobetsa ka Lebitso la Jesu ke lefe athe Jesu, ka Sebele, o ba laetse ho kolobetsa ka
Lebitso
(e seng “mabitso”) la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang? (Mattheu 28:19) Na ebe ba entse phoso? Che! Ba entse kamoo ba laetsoeng.
Ha u bala lehlaseli lena, nahana ka lebitso la hao. Na u mora? Na lebitso la hao ke, “Mora”? Na u ’mè? Na lebitso la hao ke, “’Mè”? Lekhale, ao ke maemeli feela. U na le lebitso la mannete, le Molimo o na le lona.
Karabo ke ena:
Le Bibeleng ha ho ntho e kang motho ea kileng a kolobetsoa ka lebitso la Ntate, Mora, Moea o Halalelang; kaha ntho e joalo e le sieo. Ntate ha se lebitso; le Mora ha se lebitso; le Moea o Halalelang ha se lebitso; empa Lebitso la Ntate, Mora, Moea o Halalelang ke Morena Jesu Kreste.
Jesu Kreste ke Molimo! Ke Ntate, Mora, le Moea o Halalelang.
Ha u batla Moea o Halalelang ’me u ipotsa hobaneng Morena a eso u nee oona, u ka ipotsa potso eo Pauluse a e botsitseng, “Le kolobelelitsoe ho eng?”
Liqotso
Mattheu 28:19
E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle, le ba kolobetse ka
lebitso
la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang:
[Lebtsio la Ntate ke mang? Lebitso la Mora? Lebitso la Moea o Halalelang?]
Mareka 16:16
Ea lumelang ’me a kolobetsoa o tla bolokeha; empa ea sa lumeleng o tla tsuoa.
Johanne 5:43
’Na ke tlile ka lebitso la Ntate,
’me ha le nkamohele: ekare ha e mong a etla ka lebitso leo e leng la hae, feela eèna le tla mo amohela.
[Haeba A tlile ka Lebitso la Ntate oa Hae, ebe Lebitso la Hae ke mang?]
Johanne 10:30
’Na le Ntate re bang feela.
Johanne 12:45
Ea ntalimang o talima ea nthomileng.
Johanne 14:8-9
Filipi a re ho eèna, Morena, re bontše Ntate, e tla ba ho re lekane.
Jesu a re ho eèna,
Ke lutse le lona nako e kalo, ’me ha u a ka ua ntseba, Filipi?
ea mponeng o bone Ntate; ’me u ka rialo joang, Re bontse Ntate?
Johanne 20:27-28
A ntoo re ho Thomase,
Tlisa monoana oa hao mona, ’me u talime liatla tsa ka; ntša letsoho la hao, u le kenye lehlakoreng la ka: ’me u se ke ua ba ea sa lumeleng, u mpe u be ea lumelang.
Thomase a araba a re ho eèna,
Morena oa ka le Molimo oa ka.
Liketso 2:38-39
Petrose a re ho bona, Bakang, ’me e mong le e mong oa lona a kolobeletsoe
ka lebitso la Jesu Kreste
tšoarelong ea libe, ’me le tla nka neo ea Moea o Halalelang.
Hobane pallo eo e etselitsoe lona, le bana ba lona, le ba leng hole kaofela, ba sa tlang ho bitsoa ke Morena Molimo oa rōna.
Liketso 4:12
’Me ha ho poloko ho e mong: hobane ha ho lebitso le leng tlasa leholimō leo batho ba le neiloeng, leo re ka bolokehang ka lona.
Liketso 8:12
Empa eitse hobane ba lumele Filipi ea ba bolellang litaba tsa ’muso oa Molimo, le
lebitso la Jesu Kreste,
banna le basali, ba kolobetsoa.
Liketso 19:3-6
A re ho bona, Le kolobelitsoe ka kolobetso efe na? Ba re, Ka kolobetso ea Johanne.
Pauluse a re, Efèla Johanne o kolobelitse ka kolobetso ea pako, a bolella batho, hore ba lumele ho ea tlang ka mora hae, e leng, Kreste Jesu.
Eitseha ba utloa hoo, ba kolobetsoa
lebitsong la Morena Jesu.
Eareha Pauluse a ba beile matsoho, Moea o Halalelang oa tla holima bona; ba bua lipuo, ’me ba porofeta.
Baefese 4:5
Morena o mong, tumelo e ’ngoe,
le kolobetso e ’ngoe.
Bakolose 3:17
’Me seo le se etsang leha e ka ba eng le eng ka ho bua kapa ka ho sebetsa, le etse tsohle ka
lebitso la Morena Jesu,
le ntse le leboha ka eèna Molimo Ntate.
I Johanne 5:7
Hobane ho le ba bararo bao e leng lipaki leholimōng, Ntate, Lentsoe, le Moea o Halalelang: ’me
tse tharo tsena ke ntho e le ’ngoe.