Malakia 4:1

Hobane, bonang, letsatsi le a tla, le chesang joaloka mollo oa sebōpi…


Malakia 4:5-6

Bonang, ke a le romela moporofeta Elia ho eso ho tle letsatsi la morena le leholo le tšabehang:
O tla busetsa pelō tsa bontate ho bara ba bona, le pelō tsa bara ho bontata bona, hore Ke se tšohe ke etla ’me ka otla lefatše ka ho le timetsa.


Buka ea ho qetela ea Testamente ea Khale e tšepisa tšenyeho ea lefatše. Empa pele ho bofelo, ho lekantsoe ho khutla ha Elia moporofeta ho tsebisa Messia. Ba bang ba re Johanne Mokolobetsi o phethile boporofeta bona.

Lilemo tse likete tse peli tse fetileng, keha Bajuda ba emetse Messia ho fihla. Ba tsebile Malakia a porofetile ho fihla ha monna ea nang le moea oa Elia ea tla ba tsebisa Messia. Empa mohla Johanne Mokolobetsi a na a fihla, keha e se Elia oa litebello tsa bona. Eitseha ba botsa Jesu horeng Elia a sa ka a fihla pele, O ba boleletse phatlalatsa a re Johanne e ne e le phethahatso ea boporofeta boo: “’Me ha le ka e amohela, ke eèna Eliase, ea neng a tla tla.” (Eliase ke hlaloso ea Segerike ea lebitso la Seheberu, Elia.)

Ke sehlotšoana sa batho feela se amohetseng tšenolo ena. Ho baetapele ba bangata ba barapeli, Johanne empa e le moseholli ea mabifi khahlano le mekhatlo ea bona. Ha ba ka ba lemoha moea oa Elia, empa ho fetang hoo ka bobe, ba boetse ba fositse ho Fihla ha Kreste.

Na ebe Johanne Mokolobetsi o phethile boporofeta ba Malakia? E seng kaofela ha bona.

Pele, lefatše ha le eso “chesoe joaloka mollo oa sebopi” le joale, bonnyane re tseba karolo ea Malakia 4 e le hona e tla etsahala. Karolo e ’ngoe ea Lengolo le sa phethisoang ke Johanne ke ho, “busetsa pelō ea bana ho bontata bona.” ’Me, Jesu, ka Sebele, o porofetile ka hore Elia o a tla (lekhathe le tlang) a busetse lintho tsohle. (Matt 17:11)

Ka hona re tlameha ho shebella Elia pele Kreste a Khutla Labobeli!

Joale, letsatsing lena la sejoale, ke nakong ea ho Khutla ha Morena Jesu Labobeli. Ebile, re tšepisitsoe moea oa Elia o tla Mo tsebisa rōna ho latela Malakia 4. Empa ke sehlopha sefe sa batho se tla lemoha Elia mohla a fihlang? Ke ba mo lebeletseng feela.

Mantsoe ana a Morena oa rōna le Mopholosi rea hopola ha re nahana ka boporofeta ba Malakia ba nako ea lihora tsena tse koalang:

Empa Ke re ho lona, Elia o se a tlile, ’me ha ba ka ba mo tseba... Mattheu 17:12

Haeba re ka fosa ho khutla ha Elia teng? Na ebe re tla fosa ho Khutla ha Kreste Labobeli, joalokaha bangoli le Bafarasi ba fositse ho Fihla ha Hae la Pele kahobane ba sa lemoha Johanne Mokolobetsi?

 

 

 

 

Liqotso

II Marena 2:15

Bara ba baporofeta ba Jeriko ba neng ba eme mabapa le teng ha ba ’mona, ba re, Moea oa Elia o lutse ho Elisha. Ba tla ba mo khahlanyetsa, ba inama fatše pela hae.

Esaia 40:3-4

Lentsoe la ea hooang feelleng le re, Hlekang tsela ea MORENA feelleng, le latse ’mila oa Molimo oa rōna nahathote.

Liphula tsohle li katsoe, lithaba kaofela le maralla ohle a kokobetsoe: libaka tse litutulu li batalatsoe, hohle moo ho leng makukuno ho latsoe: [Johanne Mokolobetsi]

Malakia 3:1

Bonang, Ke ke a roma lenqosa la ka [Johanne Mokolobetsi], le tle le hleke tsela pela ka: ’me hang Morena, eo le ’matlang, o tla kena tempeleng ea hae, e leng lengeloi la selekane, leo le le batlang: bonang, o a tla, ho bolela MORENA oa makhotla.

Malakia 4:1-6

Hobane, bonang, letsatsi lea tla, le chesang joaloka mollo oa sebopi [ha eso etsahale]; baikhohomosi kaofela, e, le bohle ba etsang bolotsana, ba tla ba joaloka matlakala: tsatsi leo le tlang le tla ba chesa, ho bolela MORENA oa makhotla, ho se hlole ho sala ho bona motso kapa lekala.

Empa haele lona ba tšabang lebitso la ka le tla chabeloa ke Tsatsi la ho Loka le nang le poloko mahlaseling a lona; le tla tsoa, le be le thale joaloka manamane a nontšitsoeng.

Le tla hatakela ba bolotsana; hobane ba tla ba joaloka molora katlasa bohato ba maoto a lona tsatsing le tla etsoa ke ’na, ho bolela MORENA oa makhotla.

Hopolang molao oa Moshe mohlanka oa ka, oo ke o laetseng Baiseraele bohle ka eèna Horebe, e leng molao le litaelo.

Bonang, Ke ea le romela moporofeta Elia ho eso ho tle letsatsi la MORENA le leholo le tšabehang:

O tla busetsa pelō tsa bontate ho bara ba bona [Johanne Mokolobetsi], le pelō tsa bara ho bontata bona [Elia oa mehla ena], hore Ke se tšohe ke etla ’me ka otla lefatše ka ho le timetsa.

Mattheu 11:10

Hobane ke eèna, ea boletsoeng moo ho ngoliloeng ho thoe, Bona, ke roma pela sefahleho sa hao, lenqosa la ka le tlang ho o lokisetsa tsela. [Malakia 3:1, Johanne Mokolobetsi]

Mattheu 11:14

’Me ha le ka e amohela, ke eèna Eliase, ea neng a tla tla. [Johanne Mokolobetsi]

Mattheu 17:11-12

Jesu a araba a re ho bona, Kannete Elia o tšoanetse ho tla, a busetse tsohle tokeng. [Elia oa mehla ena]

Empa ke re ho lona, Elia o se a tlile, ’me ha ba ka ba mo tseba, ba mpa ba mo entse hohle hoo ba ho ratileng. [Johanne Mokolobetsi] Mora motho le eèna o tla utloisoa bohloko joalo ke bona.

Luka 1:17

O tla mo etella pele ka moea le ka matla a Elia, a tle a busetse lipelō tsa bontate baneng ba bona, le bahanyetsi bohlaleng ba ba lokileng; a tle a lokisetse Morena sechaba se hlekehileng hantle. [Johanne Mokolobetsi]