Ke khafetsa Moena Branham a hlalosa tšobotsi ea Topallo ea Mollo e nètefalitseng tšebetso ea hae. E hlahile tsoalong ea hae, e bonoe ke likete lebopong la Noka ea Ohio, ’me e bonahala e mo latetse hohle moo a ileng teng. Eaba ka 1950 Morena o nea balumeli le bomosalumele bopaki bo sa tlaileng ba hoba Topallo ena ea Mollo e tsamaea le moporofeta.
Bosiu bo ne bo tinkelitsoe bo pupelitsoe ke ngangisano mane Sam Houston Coliseum. Moena Branham o ne a eteletse tsoseletso ea pholiso e haolang naha pele. Mahlohonolo a Morena Jesu a ne a tšolohela holima masimo a koro ea moea joaleka pula. Empa lipontšo tse khōlō le meeka tsa teeloa hare ke bosomi. Joale le kamehla, sera sa tsosa mohanyetsi. Mara a mabeli ao a kopanela Houson Texas, ’me Lengeloi la Morena ka Bolona la theoha ho loana ntoa.
Likete li se li phuthehile ho bona mehlolo e sa baloeng e teetseng monna enoa oa Molimo hare. Letsatsi pele ho moo, sehlopha sa bareri ba lehae sa phephetsa moporofeta ngangisanong ea pholiso ea Khalalelo, empa eaba lotho ea phephetso e oela holima molekane oa hae oa khale ea tšepehang, Moruti F.F. Bosworth. Moetapele oa basèholli ba bangata bana e le moreri oa lehae oa Baptise eena e le moferekanyi ea itlatlarietsang oa pholiso ea Khalalelo. Ngangisano e hlahlamang ea nyenyelepa ea kena maseling a litaba, tsona tsa phatlalatsa litaba tsa sehlooho, “Moehete Oa Thutabomolimo O Tlil’o Fefoha Kajeno Ka 7 p.m Kahara Sam Houston Coliseum.”
Eaba baseholli ba lefa ralitšoantšo oa profeshene, Ted Kipperman eena e le oa Douglas Studios, ho porota ngagisano. Mantsiboea ao, ha katlatsoa lifoto tsa Moena Bosworth a eme ka boikokobetso nakong eo mobelaeli a emeng meèmo ea nyeliso; ka nako e ’ngoe a tsokotsa monoana oa hae sefahlehong sa monnamoholo ea ithobileng eo.
Eitseha ngagisano e qala, Moruti Bosworth a chaella bonnete ba pholiso ea Khalalelo ka bopaki ba Mangolo eaba, hore a se hlole a siea potso, o kopa bohle ba folisitsoeng lipabo tsa bona ho ema. Likete tsa ema ka maoto a tsona. Hoba ba folisitsoeng ba lule litulong tsa bona, a kopa bao bohle ba folisitsoeng ka Khalalelo e beng e le maloko a bolumeli ba monna enoa e leng maloko a tšepehang ho ema ka maoto. Litho tse makholo a mararō tsa ema ka sebete li pepesa mohau oo Morena Jesu a ba bontšitseng ona.
Phephetso ea hlaha ho mobelaeli. “E reng mofolisi eo oa Khalalelo a tle. E reng a sebetse.” Moena Bosworth a hlakisa Jesu e le eena feela Mofolisi oa Khalalelo, empa lithorèlo tsa moreri tsa toota. Qetellong, Moena Bosworth a memela Moena Branham kalaneng. Eaba o amohela memo a teetsoe hare ke litlatse tse mo tšehetsang.
Eaba moporofeta, ea tletseng Moea o Halalelang, o arabela tjena:
Ha ke khone ho folisa mang. Ke bua sena. Mohla ke ne ke tsoalloa holimo Lebatooeng la Kentucky ke sa le lesea, ho latela ’mè oa ka ea ratehang, etsoe taba eo e nèpahalitsoe bophelo ba ka bohle, Leseli le kene phaposing eo ea khale e nyenyane ea mopatisane, e hahiloe mono, e sa liloa fatše, e se na le fesetere, ba mpa ba betlile nthoana ea khale mono e le fesetere, e kang lematinyana, ’me ba e bula e ka ba hora ea bohlano hoseng, eaba Leseli lena le likoloha le kena ha letsatsi le se le tla chaba. Ho tloha mohlang oo, Le tsamaile le ’na kamehla. Ke Lengeloi la Molimo. Le kopane le ’na ka namana lilemo tse ’maloa tse fetileng. Ho theoha joalo bophelong ba ka, O mpoleletse lintho tse hlahileng, ka li bua ho latela polelo ea Hae. ’Me ke phephetsa mang nqa efe, ho etela motse oo ke holetseng ho ona, kapa nqa efe, moo tlaleho e kileng ea etsoa ka Lebitso la Morena, e sa ka ea hlaha hantle kamoo e boletseng e tla hlaha.
Hoba a bue mantsoe ao, Moea o Halalelang oa tšolohela holima kalana, ’me ralifoto ea mahlahlaha eo a katlatsa senepe. Moena Branham a tloha kalaneng ka polelo e bobebe, feela e le ea boporofeta: “Molimo o tla paka. ’Na ha ke sa tla bua.”
Motlatsi oa Mong. Kipperman a potlaka ho hlatsoa linepe bakeng sa litaba tsa hoseng ho hlahlamang. A hlolloa ho elelloa ntho e sa tloaelehang hoba a ntše foto ea pele motsoakong o hlatsoang. Eona, joaleka lifoto tse ling tse hlano tse latelang, keha li sa hatisa. A kakatlela pelō ea hae eaba o kolumela pele ha a ntša khatiso ea ho qetela motsoakong o hlatsoang. Mono, holima foto eo ea ho qetela, keha Topallo ea Mollo e larile holima hlooho ea moporofeta oa Molimo, William Marrion Branham.
Bana ba Iseraele ba bone Topallo ea Mollo e eteletse Moshe pele, le bana ba letsatsi lena la sejoale ba bone eona Topallo eo ea Mollo e eteletse moporofeta e mong pele.
Foto ea fetisetsoa ho George J. Lacy, Molekoli Le Setsebi sa Litokomane tse Belaetsang oa U.S. F.B.I., ea chaeletseng senepe ka mohopolo le ka botsebi ba hae. Tokomane ea semolao e hlophisitsoeng ke Mongh. Lacy e lehlakung le latelang.
Mona ke khale le pele likhomputara kapa likhamera tsa digitale li fihla, ’me li ke ke tsa hlalosoa ka mekhoa esele e tsejoang ke mahlale a saense, haese feela hore Leseli la mannete le hlahile holima hlooho ea William Branham. Kajeno eona foto eo e bonoa Laeboraring Ea Konkrese ea Linaha tse Kopaneng, hona motsemoholo oa naha, Washington DC.