Tsatsi le leng ka qeta ka hore ke sibolotse leqheka la ho tima pitso eo. Ka fallela bophirima ho sebetsa polasing. Motsoalle, boholo ba Molimo kantle mono bo lekana le boholo ba Hae tulong efe feela. Ke u kopa ho ahisoa ke boiphihlelo ba ka. Ha A u bitsa, Mo arabe.
Hoseng ho hong ha Loetse selemong sa 1927, ka re ho ’mè ke nka leetong la ho kampa Tunnel Mill, e bohole ba limaele tse ka bang leshome le metso e mene ho tloha Jeffersonville moo re neng re ahile teng mohlang oo. Athe ’na le metsoalle e ’maloa re rerile leeto la Arizona. Mohla ’Mè a utloelang ho tsoa ho ’na, keha ke se Tunnel Mill empa koana Phoenix, Arizona, ke baleha Molimo oa Lerato. Bophelo ba polasi ba ’natefela nakoana, empa ba qala ba tsofala kapele, joaloka monyaka ofe oa lefatše. Empa e re ke bue mona, ho Bokoe Molimo, boiphihlelo le Jesu bo eketsa monate le monate ka linako tsohle ’me le ka mohla ha bo tsofale. Jesu o aba khotso e phethehileng le matšeliso a kamehla.
Ke khafetsa ke utloa moea o pholletsa hara liphaene tse telele. Ea ka ke utloa Puo ea Hae e bitsang hole koana morung, e re, “Adama, u ho kae na?” Linaleli li bonahala li le haufi hoo u ka li kholang ka liatla tsa hao. Molimo o no o bonahala o le haufi haholo.
Ntho e ’ngoe ka naha eo ke litsela tse hara lehoatata. Ha u ka kheloha tsela, u lahleha habonolo. Hangata baeti ba bona lipalesa tse nyenyane tsa lehoatata ebe ba kheloha ’mila ho li kha. Ba lelera lehoatateng ’me ba lahleha ’me ka linako tse ling ba bolaoa ke lenyora. Le tsela ea Mokreste e joalo - Molimo o na le ’mila. O bua ka ’ona ho Esaia, khaolo ea 35. O bitsoa “’Mila oa Khalalelo.” Hangata menatjana ea lefatše e re ngokela hole le ’mila. Ebe u lahletsoe ke boiphihlelo ba hao le Molimo. Ha u lahlehile lehoatateng, ka linako tse ling ho hlaha liphalana. Ho batho ba bolaoang ke lenyora, liphalana tsena e tla be e le noka kapa qanthane. Hangata batho ba matha ba li sala morao ba itihele hara tsona ba mpa ba iphihlela ba kulupana hara lehlabathe le chesang. Nako tse ling liabolosi o u bontša seo a se bitsang monyaka. Empa e le liphalana feela, ha se mannete. Ha u mo mamela u tla iphihlela u ikatetse mahlomola hloohong. U se ke ua mo mamela, uena ’mali ea ratehang. Lumela Jesu ea fang ba lapileng le ba nyoriloeng metsi a phelang.
Tsatsi le leng ka fumana lengolo le tsoang lapeng le tlaleha e mong oa baena ba ka a kula haholo. E ne e le Edward, ea ntlhahlamang. Ehlile ka e hopola e se mpe hakaalo, ka lumela a tla itokela. Empa mantsiboea a mang matsatsi a ’maloa hamorao ha ke tsoa motseng ke feta phaposing ea ho jela polasing, ka bona pampiri holima tafole. Ka e thonaka. Ka bala, “Bill, tloo makhulong a leboea. Taba e bohlokoa haholo.” Hoba ke bale tsebiso eo ’na le motsoalle ra tsoela makhulong. Motho oa pele eo ke kopaneng le eena e le Lone Star ranger oa khale ea sebetsang mono polasing. Lebitso la hae e le Durfy, re mpa re ’mitsa “Pop.” Tšobotsi ea hae e hlokofetse ha a re, “Billy moshaana, ke u tšoaretse litaba tse bohloko.” Ka eona nako eo moetapele a hlaha a etla a nyoloha. Ba mphetela ka thelekramo e sa tsoa fihla, e beha lefu la moena oa ka.
Motsoalle ea ratehang, keha ke tšerehane nakoana. E ne e le lefu la pele lelapeng la rōna. Empa ke batla hore ntho ea pele eo ke e nahanneng ke hore na ebe o ne a itokiselitse ho shoa. Ha ke retoloha ke sheba naha e tšehla, likeleli tsa theoha marameng a ka. Ka hopola kamoo re kileng ra sotleha ’moho re sa le bathoana re hula ka thata.
Re ea sekolong re sa ja hantle. Menoana e hloelisitse lieteng tsa rōna re tlameha ho apara lijase tse qhoaetsoeng holimo molaleng kaha re sa apara lihempe. Ka hopola mohla ’Mè a re tšoletseng liqhume tse ’maloa e le lijo tsa motšeare. Re sa je le bana ba bang. Re sa khone ho fumana lijo tse tšoanang le tsa bona. Re ne re potela ka leralla kamehla ho ea ja. Ke sa hopola mohla re tšoletsoeng liqhume, ea ka re hlomphuoe. Ho ikholisa ho fumana karolo ea ka, ka thoba ka tsoa pele ho motšehare o moholo ka tlatsa seatla pele moena a fumana karolo ea hae.
Eare ke sa eme mono ke shebile naha e tšehla e libataolo tsa letsatsi ka nahana lintho tseo ’me ka ipotsa haeba Molimo a mo isitse tulong e molemo ho feta. Eaba Molimo o boela a mpitsa, empa ka temalo, ka leka ho e loantša.
Ka itokisetsa ho tla hae lepatong. Eareha Mor. McKinny oa Kereke ea Port Fulton, monna e kang ntate ho ’na, a rera lepato la hae a bua a re, “Ba ka ba teng mona ba sa tsebeng Molimo, ha ho le joalo, le Mo amohele joale.” Oho ke ne ke fuparetse setulo sa k aka thata, Molimo o ne o boetse o sebetsa. ’Mali ea ratehang, ha A bitsa, u Mo arabe.
Ha ke lebale kamoo bathoana bao Ntate le ’Mè ba llileng kamora lepato. Ka batla ho khutlela Bophirima empa ’Mè a nqeka ho sala ka lumela haeba feela nka thola mosebetsi. Kapele ka thola mosebetsi ho Public Service Company ea Indiana.
Lilemo tse ka bang peli hamorao ha ke ntse ke hlahloba limetara levenkeleng la limetara mane Gas Works e New Albany, ka hahlameloa ke gase ka kulisoa ke eona liveke. Ka bonana le lingaka tsohle tseo ke li tsebileng. Ke sa hlaphoheloe. Ke jeoa ke esiti ea mala, e bakiloeng ke likamano le gase. Ea ’na ea eketsa ho mpefala. Ka isoa lingakeng tse ikhethang Louisville, Kentucky. Qetellong ba re ke lelana la ka ’me ke tlameha ho sehoa. Ke sa kholoe kaha ke eso utloe lehlaba lephakong la ka. Lingaka tsa tlaleha li sa tl’o hlola li nketsetsa letho pele ke sehoa. Qetellong ka e lumella ho etsoa ka mpa ka hatella tšebeliso ea sethethefatsi se bolaeang karolo eo feela ke tle ke shebelle oporeishene.
Oh, ka batla motho ea tsebang Molimo ho ema pela ka. Ke lumela thapelo ke mpa ke sa khone ho rapela. Eaba moreri oa First Baptist Church o a ea le ’na phaposing ea oporeishene.
Eitse ha ba ntlosa tafoleng ho ea moalong oa ka, ka ikutloa ke eketsa ho fokola le ho fokola ka linako tsohle. Pelō ea ka e batla e sa otle. Ka utloa lefu le nkaparetseng. Phefumoloho ea ka e eketsa ho khutsufala ka linako tsohle. Ka itseba ke fihlile pheletsong ea tsela ea ka. Oh motsoalle ema hofihlela u fihla moo hang, u tla hopola lintho tse ngata tseo u li entseng. Ka itseba ke sa tsuba, ho noa kapa ka litloaelo tse sa hloekang empa ka itseba ke sa itlhophisetsa ho kopana le Molimo oa ka.
Motsoalle oa ka ha u le setho se fōfō feela se batang sa kereke, u tla tseba mohla u fihlang pheletsong hore ha u a itlhophisa. Haele pheto seo u se tsebang ka Molimo oa ka, ke u kopa ho khumama hantle mona ka mangole a hao le ho kopa Jesu ho u fa boiphihlelo boo ba tsoalo ea bobeli, joalokaha a boleletse Nikodema ho Johanne khaolo ea 3, ’me oh mangenengene a thabo a tla lla hamonate. Ho rorisoe Lebitso la Hae.