Re amohetse lipotso tse latelang malebana le tšebetso ea rōna ea lentsoe. Haeba, ka mora ho bala tsena, potso esale teng mabapi le likateng tsa websaete ena, re romelle emeile ho answers@themessage.com.

 

Maipolelo a tumelo ea lōna ke afe?

Re ka re thuto ea rōna “semolao” ke Bibele, ho qala ka Genese ho isa ho Tšenolo. Maipolelo a tumelo ea rōna a ka akaretsoa tjena: Ha ho tumeloana ntle le Kreste; ha ho molao ntle ho lerato; ha ho buka ntle ho Bibele.

Ke se ke le Mokreste. Na ebe litaba tsa websaete ena li a nkama?

E! Bakreste ba tlameha ho lumela Lentsoe lohle la Molimo; ke ka baka leo re eang kerekeng ’me re bala Libibele tsa rōna. Horeng u ka lumela karolo ea Bibele e reng Jesu o shoetse libe tsa rōna, u ntano nyemotsa kamoo sebe se qalileng Tšimong ea Edene?

Kea lumela hore seo ke se balileng ke ’nete. Ebe nka ingolisa joang?

‘’Mele oa Kreste hase bo-raseng kapa mokhatlo oa bolumeli, ’me botho bo le bong bo hlokoang ke ho lumela ho Morena Jesu. U se ke ua ikhathatsa ka tokomane ea boitsebiso kapa ka ho tlatsa lipampiri tsa ’muso oa kereke. Lumela Lentsoe feela, ’me Morena o tla hlokomela tse ling tsohle

Na ebe lōna le kereke?

Rōna ha re kereke e hlophisitsoeng, re mpa re thusa likete tsa likereke le limilione tsa batho lefatše ka bophara ka ho ba abela lisebelisoa tsa bolumeli. Morero oa rōna ke ho khothaletsa batho ho atamela Morena Jesu ka ho finyeletsa Evangeli ea Hae ho mang le mang holima lefatše.

Ke batla ho kolobetsoa. Joale nka etsang?

Haeba u sa fumane motho ea u kolobetsang ka Lebitso la Morena Jesu Kreste, re romelle emaile le lebatooa la hao ’me re tla u romella letoto la likereke tse tikolohong ea hao tse ka u kolobetsang ka tšoanelo. Hopola, ho latela Bibele ho bohlokoa ho kolobetsoa ka Lebitso la Jesu, ’me e seng ka litlotla tsa Ntate, Mora, le Moea o Halalelang.

Kahobane feela ke le Mokatolike kapa ke le setho sa mokhatlo o mong oa bolumeli na le nahana hobane ke lahlehile?

Morena Jesu o itse, “Se ahloleng, le tle le se ke la ahloloa.” Ha ho motho ea fuoeng tokelo ho ahlola poloko. Jesu o boetse o itse, “Ea lumelang ’me a kolobetsoa o tla bolokeha; empa ea sa lumelang o tla tsuoa.” Ka baka leo hase lebaka haeba u le Mokatolike, Mobaptise, kapa Mopentekosta; ha u lumela ho Morena Jesu Kreste u tla bolokeha.

Voice Of God Recording (VGR) ke eng?

Voice Of God Recordings, Inc. ke tšebetso ea lentsoe e sa kheseng nku ka pere ka morero oa ho ntšeletsa Evangeli ea Morena Jesu Kreste. Mohloli oa sehlooho oa thepa eo re e phatlalatsang ke lithero tse hatisitsoeng tsa mofu William Marrion Branham, moporofeta oa Molimo le ʾmoleli ea tsebjoang lefatše ka bophara. Letlooa la rōna le akha liCD tsa MP3, liDVD, lividio, software, libuka, limakasine, maselinyana, lifoto, mangolo a litaba, le liwebsaete.

William Marrion Branham ke mang, ’me o amana le ’na joang?

Moruti Branham e ne e le moevangeli ea tsebjoang ea sebelitseng masimong a boromuoa ho tloha ka bo 1947 ho fihla ka 1965. Ha a tataisetsa limilione ho Kreste feela, empa Molimo o ile oa netefatsa tšebetso ea hae ka meeka e se nang palo. Lehokelo lena le tla u tsebisa tšebetso ea hae.

Haeba meeka ena eohle e hlahile, hobaneng ke eso utloele ka eèna?

Ke potso e ntle eo, ebile re batla ho e botsa likereke tsa molapo o moholo kajeno. Molimo o rometse moporofeta! Hobaneng mang le mang a sa bue ka eona? Ba tlamehile joalo

Hobaneng le toboketsa William Branham hakana?

Ka lona lebaka leo Joshua a tobokelitseng Moshe hakana. Moshe e ne e le moporofeta ea tlisitseng Molaetsa o tsoang ho Molimo. Moena Branham o entse hona hoo.

Ke bone basali ba amanang le tšebetso ea lōna. Hobaneng bohle ba holisitse moriri oa bona ’me ba apara mese e melelele?

Pauluse o buile ho I Bakorinthe 11:15, Pauluse o boetse a re basali eka khona ba “itlhophe ka boitlhompho…“’me Moshe o itse, “Mosali a se ke a apara seaparo sa monna.” Haeba Bibele e buile, Bakreste ba makhonthe ba tla e lumela.

Ke batlisisitse ʾme ke fumane liwebsaete tse khethetsoeng ho rorela lintho tseo Moruti Branham a li buileng. Le ba arabela joang?

U tla fumana liwebsaete tse khethetsoeng ho hanyetsa ntho e efe le efe, ho akha le Bibele kahare. Re mpa re u kopa ho ahlola Molaetsa oo re u hlahisetsang oona ka Lentsoe la Molimo, e seng ka boqhetseke bo fumanoang habobebe lehlakung la inthanete. Hopola, ha ho motho ea roreloang ho feta Morena Jesu. Haeba u etsa ho lokileng, u ka lebella ho nyatsuoa.

Mekhatlo eohle e suntse matsoho a eona likhetsing tsa ka. Ntho eohle e amana le chelete.

Lemoha hore holima websaete ena ha ho a hlophisoa sebaka sa ho nehela. Mohla re tlamehang ho qela chelete, mohlang oo etlaba nako ea tšebetso ea mokhalo ona e fihlile pheletsong. Morero hase chelete, morero ke ho tataisetsa meea ho Jesu Kreste.

Ke batla ho ithuta haholoanyane; khato e hlahlamang ke efe?

Bibele e re, “tumelo e tla ka kutlo,” ka baka leo re u khothaletsa ho mamela kamehla. Re tšoere likhatiso tsa tsa lithero tse fetang 1,200 tse ka kopitsoang ntle le tefiso. Ebile re ka u romella thepa ka poso ha u fumana bothata ba ho khokhotha lifaele tsa elektroniki.


www.branham.org e romela litaba le mapaki maloka le tšebetso ea rōna ea lentsoe. Re u mema ho re etela letsatsi ka leng ho bala litlaleho tse tsoang ho balumeli lefatše ka bophara. U tla makatsoa ke lintho tse khōlō tseo Morena Jesu a li etsang hona joale, letsatsing lena la sejoale.