Lipono li ile tsa tsoelapele. Basebetsi ’moho le eena ba tšebeletso ea bolisa ba tlalehile lipono tsa hae li sa tsoe ho Molimo. Ha thoe u laoloa ke moea o mobe. Taba ena ea mo hlopha hampe. Moroalo oa mo imela hofihlela o mo sita, eaba o kena lehoatateng ho batla Thato ea Molimo. A itetse hoo a bileng a ikana ho se khutle haeba a sa fumana karabo. Ke hona, ka hara motlotloana oa ho cheha mono, moo Lengeloi la Morena le mo fileng thomo ea hae. Hara lintho tse ling, Lengeloi le ’moleletse sena: “Ha u ka etsa hore batho ba u lumele, ’me ua tšepahala ha u rapela, ha ho letho le tla ema ka pela lithapelo tsa hao, esita le kankere.”
Lipelaelo tsohle tsa nyamela. Joale keha a tšoere thomo ’me a tsoa ka sebete. Tsoseletso ea pholiso e ne e qalile.
Makholo a likete a ile a etela matšolo a Branham. Likete tsa folisoa ka Lebitso la Morena Jesu Kreste. Baevangeli ba bang ba kang Oral Roberts, T.L. Osborn, le A.A. Allen hang ba hlahlama Moena Branham ’me ba qala litsoseletso tsa bona tsa pholiso. Morena a tšolla mahlohonolo a Hae kamoo ho esong ho etsoe pele. Letsoho le folisang la Jesu Kreste keha le boetse le amile batho ba Hae.
“Ke ’nile ka lliloa hangata ke thabo ka neo ea Molimo ea mora-rao ho kereke e leng ea moena oa rōna ea ratehang, William Branham, ka neo ea hae e babatsehang ea pholiso. Hoo ke hona ho sebetsa ha Molimo tse fetisang tse tlolisang hohle hoo re ka ho nahanang (Baef. 3:20), hoba ha ke eso bone leha e le ho bala ntho efe feela e ka bapisoang le tšebeletso ea pholiso ea William Branham.”
Rev. F.F. Bosworth, moevangeli ea tummeng le e mong oa bontate bathei ba bolumeli ba Assemblies Of God esita le oa motsamao oa joale oa Pentekosta.
“Khetlo leng, ra mo shebella a buisana le monna ea robetseng moalong. Pele ea ka monna eo ha a arabele ka kutloisiso. Eaba mohatsae ea haufi o a hlalosa, ha thoe monna o na sa bolaoe ke kankere feela, empa ke setholo se sa utloeng se sa bueng.
Eaba Moena Branham o re ho tla ba bohlokoa ho monna ho utloa a tle a mo laele mabapi le pholiso ea kankere ea hae. Ha etsoa thapelo ea nakoana. Hang monna a khona ho utloa! Marotholi a maholo a likeleli a rotha marameng a monna eo sefahleho sa hae esale se pompetse se tšerehane. A mamela toelo ea hae ea kankere ka thahasello e tebileng.”
Rev. Gordon Lindsay, mongoli oa makhonthe, moreri, le mothei oa Christ For The Nation Institute.
“Moena Branham a re, ‘Monna oa Mokonkrese o folile.’ Pelō ea ka ea tlolaka. Ka tsoa ka amohela Morena joaleka Mofolisi oa ka. Ka beella melangoana ea ka kathoko…eaba bokatlase ba Leholimo bo horometseha fatše!”
William D. Upshaw, Mokonkrese oa US (1919-1927), moikèti oa Botonakhōlō ba US ka 1932. O holofetse bongoaneng mohla a robehang mokokotlo. O folisitsoe ke lithapelo tsa Moena Branham a le lilemo tse 84, kamora ho holofala lilemo tse 66. Ha eso hloke setulo sa bakuli kapa melangoana bophelo bohle ba hae.
“Ke ne ke kakalalitsoe ke T.B. ka mokokotlo lilemo tse robeli le likhoeli tse robong ke tetsoe ke lingaka. Boima ba ka bo fihla ka thata ho liponto tse 50 ’me tšepo eohle ea ka e nyametse. Eaba Jeffersonville, Indiana, ho tsoa Mor. WM Branham ka pono ea konyana e tšoasitsoeng lefeelleng e lla e re ‘Milltown,’ e leng moo ke ahileng teng. Moena Branham ha eso fihle mona kapa ho tsejoa ke mang ea tsoang mona. Ha a kena, a mpea matsoho a nthapella, a ntse a bitsa holima ka Lebitso la Morena Jesu oa rōna ea ratehang. Ea ka ke tšoaroa ke ho hong ’me hang ka ema ka leboha Molimo ka matla a Hae a ho folisa. Hajoale ke seletsi sa piano kerekeng ea Baptise mona.”
Georgia Carter, Milltown Indiana, Indiana, ea folisitsoeng T.B. e bolaeang ka 1940 ’me le joale ha eso tšoaroe ke boloetse boo le ka letsatsi bophelong ba hae. O emetse mashome a likete tsa batho ba folisitsoeng ke tšebetso ea hae ’me le kajeno ba sa ntse ba folisoa.