Mantsoe a ho qetela kahara Testamente ea Khale a tšepisa sena: “Bonang, Ke le romela moporofeta Elia pele ho letsatsi le leholo le le tšabehang la MORENA: ’Me o tla busetsa pelō ea bontate ho bara ba bona, le pelō ea bara ho bontata bona, hore ke se tšohe ke e tla ka otla lefatše ka ho le timeletsa.” (Mal 4:5-6)
Letsatsi le leholo le le tšabehang la Morena le a tla, re tlameha ho shebella moporofeta Elia ka botšepehi ke hona. Kahara Bibele, baporofeta ba ne ba sa etele mekhatlo ea borapeli ba sehlooho. Ba tlile ho sehlotšoana se ’maloa. Hola moporofeta oa Malakia 4 a ka fihla, ’me a fosoa teng. Ho ka thoeng haeba a ka tšoana le baporofeta ba khale, lemohuoa ke batho ba ’maloa feela? Hola moporofeta enoa a ka khutla letsatsing la ho qetela, re tla mo lemoha joang? Karabo e hlakile kahara Mangolo. O tla rua semelo sa moporofeta. O tla tseba merero ea pelō. O tla etsa mehlolo. Mekhatlo ea borapeli e tla leka ho mo seholla. Empa o tla lemohuoa e le moromuoa oa letsatsi ke bakhethoa ba ’maloa.
Re tla tseba kang mohla Elia a khutlang? O tla bonahatsa litšobotsi life ho re thusa ho mo elelloa?
Elia e ne e le monna oa lehoatata. Lipontšo tse khōlō le meeka li latetse tšebetso ea hae. O rerile khahlano le limpe tsa letsatsi la hae. Haholo o rerile khahlano le boitšoaro bo hlephileng ba Mofumahali Jesebele. Mohla Elia a nkeloang Leholimōng ka koloi ea mollo, moea oa hae o theohetse holima Elisha. Tšebetso ea Elisha ea ntano ateloa ke lipontšo tse khōlō le meeka, o bile a rera khahlano le libe tsa lefatše. Baporofeta ba babeli bao keha ba eme khahlano le mekhatlo ea borapeli ba letsatsi leo. Makholo a lilemo hamorao, moea oo oa khutlela lefatšeng ka hara Johanne Mokolobetsi. Moporofeta Malakia o bonetse pele ho khutla ha Elia ea tla tsebisa Morena: “Bonang, Ke roma lengosa la ka, le tla hleka tsela pela ka…” (Malakia 3:1). Johanne Mokolobetsi o ne a futsitse kaha a memetse pako ea bana ba Molimo. Joaloka Elia, o rerile khahlano le morena le mekhatlo ea borapeli ba sejoale. Morena Jesu o omètse Johanne Mokolobetsi e le moporofeta oa Malakia 3 ka hara Buka ea Mattheu (11:10): “Hoba ke eena, ea boletsoeng, Bonang, Ke roma lengosa la ka pela sefahleho sa hao, le tla hleka tsela pela hao.” Luka 1:17 e re moea oa Elia (Eliase) o ne o tla aha ka ho Johanne Mokolobetsi, “’Me o tla mo etlella pele ka moea le matla a Eliase, ho busetsa lipelō tsa bontate ho bana ba bona.” Empa le lemohe hoba karolo ea bobeli ea Malakia 4 ke hona e tla tlatsoa: “…le lipelō tsa bana ho bontate ba bona, hore ke se tšohe ke tla ka otla lefatše ka ho le timeletsa.” Karolo ea Lengolo leo e tla phethisoa pele Kreste a Khutla Labobeli.
Lilemo tse likete tse peli ka mora Johanne Mokolobetsi, ho fihlile nako ea ho khutlela ha moea oa Elia lefatšeng.
Letsatsi leo le fihlile! Mongoaheng ona, re bone ho khutla ha moea oa Elia. O hanetse tsamaiso ea bolumeli ba sejoale. O hanetse libe tsa lefatše. O bontšitse mehlolo le meeka e sa baloeng. O rerile Bibele lentsoe-ka-lentsoe ho qala ho Genese ho fihlisa Tšenolo. Moporofeta oa Malakia 4 o tlile ho latela tšepiso, o tlisitse Molaetsa o tsoang Teroneng ea Molimo o Matlaohle. Lebitso la moporofeta eo ke William Marrion Branham. Re ’mitsa “Moena Branham.”
“Ke William Branham, eo ke mo ratileng ka mo lumela e le moporofeta oa Molimo.”
Oral Roberts, ’moleli ea tsejoang lefatšeng le mothei oa Oral Roberts University.
“William Branham o tlile ho rōna joaleka moporofeta oa Molimo a re bontša palokholong ena ea mashome a mabeli tsona lintho tse supiloeng Lievangeling… Molimo o etese batho ba Oona, hobane moporofeta e moholo o hlahile hara rona.”
Dr. T.L. Osborn, ’moleli oa Pentekosta le mongoli oa bokhoni.
“Pele ho rapelloa motho, o ne a hlalosa a qapolisa lipabo tsa motho ka nèpahalo, a be a qapolise likateng tsa maphelo a bona - metse ea habo bona, liketso tsa teng, lietsahala - esita le morao koana bongoaneng ba bona. Branham ha a eso tlalile le hang ka lentsoe la tsebo lilemong tsohle tseo ke li qetileng le eena. Hoo ho kenyeletsa, lebakeng la ka, liketsahalo tse likete.”
Ern Baxter, ’moleli, manejara oa Matšolo a Branham ka lilemo tse supileng, eena ke e mong oa bathei ba sethatong ba British New Church Movement.
Ha ho monna ea kileng a susumetsa lefatše ka sefutho hakana ho tloha mohla Morena Jesu Kreste a ne a tsamaea holima lefatše. Ho tloha qalong e ithobileng ea motlotloana oa phaposi e le ’ngoe maralleng a Kentucky, ho fihla Amarillo, Texas, moo Morena a mo isitseng Hae, esale bophelo ba hae bo teetsoe hare ke liketsahalo tse hlolang tlhaho. Ka tataiso ea Lengeloi la Morena ka 1946, tšebetso ea Moena Branham e tloebile hlase e hotelitseng lekhathe la litsoseletso tsa litonana tsa pholiso tse haotseng le Amerika le lefatše ho pota. Ho fihlela letsatsi lena, o lemohuoa ke boranalana ba Bokreste e le “ntate” le “’morala-sekhahla” oa tsoseletso ea pholiso ea bo 1950 e leng eona e fetotseng Kereke ea Pentekosta ’me qetellong ea hlahisa motsamao o mahlahahlaha oa Charismatic, oo kajeno o batlang o tšoaetsa bolumeli ka bong ba Protestanta. Leha ho le joalo, lefutso le ba alamile, haele moo malumeli a hobosa lithuto tsa hae a bile a latola thomo ea hae.
Hohle moo a ileng teng, Molimo o pakile Moena Branham e le moporofeta oa moloko ona. Joaloka Jobo, Morena o buile le eena ka setsokotsane. Joaleka Moshe, Topallo ea Mollo e mo eteletse pele. Joaleka Mikea, a tujoa ke tšebeletso ea bolisa. Joaleka Elia, e le monna oa nahathote. Joaleka Jeremia, o ronngoe ke Lengeloi. Joaleka Daniele, o bone lipono tsa kamoso. Joaleka Morena Jesu, o tsebile merero ea pelō. ’Me joaleka Pauluse, o folisitse bakuli.
Morena o boetse o etetse batho ba Oona ka moporofeta. Horeng e lefifi-fifi ea nalana, mohla boitšoaro bo hlephileng ’me bo hohlometse matebong a eso bonoe pele ’me le libetsa tse falatsang li likalika holima molapono, monna ea ikokobelitseng o romiloe a e tsoa ka pela sefahleho sa Molimo ho memela morabe o shoang pako.
Morutuoa ea ratoang Johanne o ngotse tjena ka Morena Jesu:
Taba tse ling li sa teng tse ngata tseo Jesu a li entseng, hojane, li ka ngoloa ka bonngoe, ke lekanya hore le lona lefatše le be le ke ke la lekana libuka tse ka ngoloang. Amen. (Johanne 21:25).
Ho ka thualo ka bophelo ba Moena Branham. Ho fumanoa mabanta a 1,200 a lithero tse hatisitsoeng tse phetang lipale tse likete tsa bophelo ba monna enoa oa mohlabani. Koana khafetsa re utloa mapaki a macha a tšusumetso ea hae holima maphelo a limilione tsa batho. Bukana ena e ke ke ea ngoapa le bokaholimo boo khahlamelo ea monna enoa oa Molimo e e finyeletseng lefatšeng.