Tsatsi lea tla leo ka lona mang le mang oa rōna, u le Mokreste kapa eng, u tla fumana hantle se leng ka mose oane ho lesira. Bibele e tšepisa ba bang Bophelo Bosafeleng, ’me ba bang, e ba tšepisa tsuo. Motho esale a ipotsitse nalaneng, “Ho tla etsahalang ka ’na mohla ke shoang?”
Khale koana le pele Bibele e baloa eba teng, moporofeta Jobo o kile a sheba tlhaho. A bua ka tšepo ea sefate, kamoo se rengoang se ntano shoa, empa ha se utloa metsi, se boela se rutlolohela bophelong se hlahisa menoko e mecha. Jobo o tsebile hobane motho, joaloka sefate, o tla boela a tsohela bophelong:
Hoja motho ea shoang, a ka boela a phela?
ke be nka mamella ka matsatsi ohle a ntoa ea ka, ho be ho fihle se seng sebakeng sa ka.
U ne u tla bitsa, ke ne ke tla araba: ’me u ne u tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.
Empa joale u bala mehato ea ka: u hlokometse libe tsa ka?
(Jobo 14:14-16)
Koana ekaba Jobo o hlokile Bibele a e balang, empa o tsebile Molimo o tla mo tsosa lebitleng tsatsi le leng mohla Molopolli oa batho a tla hlaha.
Hola mantsoe a ka a ka ngoloa joale! hola a ka ngoloa bukeng!
A ke a ngoloe ka tšepe e betlang le ka loto lefikeng ka ho sa feleng.
Empa kea tseba molopolli oa ka o a phela, le hobane qetellong o tla ema lefatšeng:
’Me leha letlalo la ka le senyehile,
ke tla bona Molimo ke se ke le nameng:
(Jobo 19:23-26)
Moporofeta o ne a bua ka Morena Jesu le ka tsoho ea batho ba Hae. Jobo ka tšenolo a tseba hobane leha mebele ea rōna e ka pona ka botlalo, Jesu o tla tsosolosa nama ea rōna. ’Me ka mahlo a rōna ka sebele, re tla bona ho Tla ha Hae. Batho bohle ba Molimo ba hlolohetsoe ho bona letsatsi le khanyang leo.
Leha ho le joalo, ruri joaloka Molimo ha o le teng, le liabolosi o teng; ruri joaloka Leholimō le le teng, lihele le tsona li teng. Lotho e holimo ho feta kakanyo ea rōna. Moapostola Pauluse o itse,
“Taba tseo Molimo o li lokiselitseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la li bona, tseo tsebe e sa kang ea li utloa, tse sa kang tsa itlhahela pelōng ea motho.”
(I Bakor. 2:9)
Likelello tsa rōna li haelloa ho lekanya boholo ba Leholimō le tlang ho tla, hape li haelloa ho lekanya botšabeho ba lihele. Jesu o re boleletse lihele li tšabeha hoo e ka bang molemo ho rōna ho poma setho sa ’mele oa rōna ho ena le ho ipeha kotsing ea ho kena tulong e nyarosang eo.
Letsoho la hao ha le u lihela, u le khaole: ho ka bang molemo ho uena ke ha u kena bophelong u le tsohane, e seng ho ea liheleng mollong o sa timeng, o ena le matsoho a mabeli:
(Mareka 9:43)
Ebe ho tla ea mang Leholimōng? ’Me ho tla ea mang liheleng? Mohopolo o bohloko oo, empa Jesu o tlalehile bongata ba batho bo sa tlo amohela moputso oo A ithatetseng ho o neela:
Kenang ka monyako o patisaneng: hobane monyako oa timelo, o hebehebe, le tsela ea teng e phatlaletse, ’me ba kenang teng ba bangata: Hobane monyako oa bophelo, o patisane, le tsela e eang teng e tšesane,
’me ba e fumanang ha ba bakae.
(Matt 7:13-14)
Jesu o boetse a re,
“Hase bohle ba reng ho ’na, Morena, Morena, ba tlang ho kena ’musong oa maholimō;
empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimōng. Tsatsing leo ba bangata ba re tla ho ’na, Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao? na ha re a ka ra leleka batemona ka lebitso la hao na? na ha re a ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na? Mohlang oo ke tla ba bolella pepenene ke re, Ha kea ka ka le tseba le mehla: ntloheleng, lona ba sebetsang bokhopo.”
(Matt 7:21-23)
Ho itlaleha Bokreste ha motho ha ho mo tlalehe a pholositsoe. Ka hona, ena ke potso e itlhomang pele mehopolong ea rōna: Ke amohela Bophelo Bosafeleng joang? Jesu o re arabile habonolo:
Kannete, nete, Ke re ho lona,
Ea utloang lentsoe la ka, ’me a lumela ho ea nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng,
ha a ka ke a tla kahlolong; empa o tlohile lefung ho kena bophelong.
(Johanne 5:24)
Ka bomalimabe, batho ba ’maloa haholo lefatšeng kajeno ba ikemisetsa ho tèla nako ea matsatsi a bona a maphathe ho utloa Lentsoe la Molimo. ’Me hape ba lumelang Lentsoe hoba ba le mamele ba ’maloa ho feta moo.
Likereke li re re be motho ea lokileng, re nahane hantle, re se bue leshano, ra qhekanyetsa, kapa ra utsoa, ’me re tla ea Leholimōng. Ha ba utloisise hoba lihele li tla tlala batho ba bonahalang ba phela maphelo a matle. Bonnete ha re isoe Leholimōng ke liketso tsa rōna tse ntle kapa hoba re le setho sa kereke e itseng. Tsela ea Bophelo Bosafeleng e ’ngoe feela, ’me eona ke ka Jesu Kreste. O re laetse hore re tšoanela ho LUMELA Lentsoe la Hae, e leng Bibele. Ho seng joalo, re ka pholosoa joang?
Mohla letsatsi la kahlolo le u fihlelang, na u tla utloa, “Tloong, lona ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le amohele ’muso oo le o lokiselitsoeng haesale lefatše le theoa,” (Matt 25:34) kapa ebe u tla utloa, “Tlohang ho ’na, lona ba rohakiloeng, le ee mollong o sa feleng, o lokiselitsoeng liabolosi le mangeloi a hae”? (Matt 25:41)
E re mahlo a hao a sa bala mantsoe ana, khetho ke ea hau: Na u tla khetha ho lumela Lentsoe la Molimo?
U tla qeta bosafeleng ba hao hokae?
Liqotso
Jobo 14:12-16
Motho le eèna o ee a robale, ’me ha a sa tsoha: hofihlela leholimō le eba sieo, ho ke ke ha tsohuoa ke motho, a ke ke a phaphama borokong ba hae.
Jo hola u ka mpata nqalong ea bafu, hola u ka nkoahela teng, khalefo ea hao ea ba ea feta, ua mpeela letsatsi, leo u tla nkhopola ka lona!
Hoja motho ea shoang, a ka boela a phela? ke be nka mamella ka matsatsi ohle a ntoa ea ka, ho be ho fihle se seng bakeng sa ka.
O ne a o tla bitsa, ke ne ke tla araba: ’me o ne o tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.
Empa joale u bala mehato ea ka: u hlokometse libe tsa ka?
Jobo 19:23-26
Hola mantsoe a ka a ka ngoloa joale! hola a ka ngoloa bukeng!
A ke a ngoloe ka tšepe e betlang le ka loto lefikeng ka ho sa feleng!
Empa kea tseba hobane molopolli oa ka o a phela, le hobane qetellong o tla ema holima lefatše:
’Me leha letlalo la ka le senyehile, ke tla bona Molimo ke se ke le nameng:
Mattheu 7:21-23
Hase bohle ba reng ho ’na, Morena, Morena, ba tlang ho kena ’musong oa maholimō; empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimōng.
Tsatsing leo ba bangata ba tla ho ’na, Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao? na ha re a ka ra leleka batemona ka lebitso la hao na? na ha re a ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na?
Mohlang oo ke tla ba bolella pepenene ke re, Ha kea ka ka le tseba le mehla: ntloheleng, lona ba sebetsang bokhopo.
Mattheu 22:14
Hobane ba bitsoang ba bangata, empa ba khethiloeng ha ba bakae.
Johanne 3:16-17
Hobane Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši, hore e mong le e mong ea lumelang ho eèna a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
Hobane Molimo o romile Mora oa oona lefatšeng e seng hore a ahlole lefatše; empa e le hore lefatše le bolokoe ke eèna.
Johanne 5:24
Kannete, nete, Ke re ho lona, Ea utloang lentsoe la ka, ’me a lumela ho ea nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng, ha a ka ke a tla kahlolong; empa o tlohile lefung ho kena bophelong.
I Bakorinthe 2:9
Empa ho lutse joalokaha ho ngoliloe ho thoe, Taba tseo Molimo o li lokiselitseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la li bona, tseo tsebe e sa kang ea li utloa, tse sa kang tsa itlhahela pelōng ea motho.
I Bathessalonika 4:13-18
Banabeso, ha ke rate hore le ka hloka tsebo, tabeng ea ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha joaloka ba bang, ba se nang tšepo.
Hobane ha re lumetse hore Jesu o kile a shoa a ba a tsoha, le hona re tšoanetse ho lumela hoba ba ithobaletseng Molimo o tla ba tsosa ka Jesu ’me a ba hlahise le eèna.
Re fèla re le bolella ka polelo ea Morena, hore haele rōna ba tlang ho phela le ho salla ho tla ha Morena re ke ke ra raka ba robetseng.
Hobane Morena ka sebele o tla theoha leholimōng ka mohoo, ka lentsoe la arekangeloi, le ka terompeta ea Molimo: ’me ba shoetseng ho Kreste ba tla tsoha pele:
Ebe moo rōna ba phelang ba saletseng nakong eo re nkeloang marung hammoho le eèna, ho ea khahlanyetsa Morena sebakeng: ’me ka mokhoa o joalo re tla ba le Morena kamehla.
Ka baka leo le ke le tšelisane ka lipolelo tseo.